TSEBA DITSHEBELETSO TSA HAO HO TSWA LEFAPHENG LA DITABA TSA LEHAE
Lefapha la Ditaba tsa Lehae le ya ho Sebeletsa
PONELOPELE
Ponelopele ya Lefapha la Lehae ke ho thusa ka tshebeletso e tswileng matsoho. Dilemong tsena, ho rala mokgwa wa ho sebetsa e se e le taba ya bohlokwa boitekong ba Lefapha ho ntlafatsa tshebeletso ho ditlelaente tsohle tsa lona naheng yohle. Re ntse re hopola hore motho e mong le e mong Afrika Borwa ? moahi, modudi sebakeng se itseng, mophaphathehi kapa moeti, ke tlelaente ya Lefpaha la Lapeng, tshebeletso e hodimo ke taba e kgolo ya maikemisetso a morero e tsamaisang ho ralwa le se etswang sa lefapha . Lefapha le itelletse ho sebeletsa mananeo a fapaneng tse tla qetella di fetotse motheo le ditsamaiso tsa kgwebo tse fanang ka polatefomo ya ho fana ka ditshebeletso.
THOMO
Thomo ya Lefapha ke ho ntshetsa pele le ho sireletsa boleng ba setjhaba sa rona. Thomo: Ho hlwaya Dintlha tsa bohlokwa tse lebisang Katlehong ya Tshebeletso ya yona, Lefapha le hlwaile dintlha tse latelang tseo e leng tsa bohlokwa ho hlokomela ditabatabelo tsa ho tsamaelana le bathahaselli, dikhasetomara le moifo wa basebeletsi:
Boitsebiso ba tsepamiso ya maikutlo ya tlelaente
Ho tsamaelana le thomo
Ho fihlellwa ha ditshebeletso
Ho tsamaelana le thomo
Tokomane e ka tshetjwang
Boitsebiso ba moifo o Profeshenale
Ditshebeletso tse se nang Bobodu
DIKAHARE
SELELEKELA KA LETONA 2
KE MANG YA LOKELANG HOBA MOAHI WA AFIKA BORWA?
Moahi wa Afrika Borwa ka Tswalo
Moahi wa Afrika Borwa ka Leloko
Moahi wa Afrika Borwa ka ho Tlwaetswa
Moahi wa Afrika Borwa ka Ngodiso
Ditlhoko le mekgwa ya ho sebetsa ya ho ngodisa jwalo ka Moahi wa Afrika Borwa
Ho lahlehelwa ke ho ba Moahi ka ntle ho Lebaka
Ho hanelwa ho ba Moahi
Ho ba Moahi kapa ho ba wa Morabe wa naha e nngwe
Ho qala ho ba Moahi wa Afrika Borwa
NGODISO YA TSWALO 11
HO NGOLLA HO FUMANA TOKOMANE YA BOITSEBISO 16
HO NGOLLA PASEPOROTO 19
HO NGOLLA HO FUMANA LENGOLO LA LENYALO 30
NGODISO YA MAFU 34
TLHALOSO YA DITSHEBELETSO TSA LEFAPHA LA DITABA TSA LEHAE
Selelekela ka Letona
Ketapele ya Molao wa Motheo e beha boitlamo hodima mmuso ho ntlafatsa boemo ba bophelo ba bahi bohle le ho lokolla matla a motho ka mong.
Lefapha la Lehae le fana ka ditokomane tse dumellang batho ho fumana matlo, thuto, tlhokomelo ya bophelo bo botle, dithuso tsa phedisano, dipenshene, mesebetsi, ditshebeletso tsa ditjhelete le ho ba le monyetla wa ho sebedisa tokelo ya bohlokwa ? ho kgetha mmuso oo ba o batlang. Hapehape, Lefapha la Lehae, le bona e le taba ya bohlokwa ho sireletsa meedi ya naha ya rona ka ho etsa qeto ya hore ke mang ya ka etelang Afrika Borwa, le hore ke mang ya ka thabnang le rona ka makgabene le menyetla ya demokerasi ya rona e sa leng nyenyane le moruo wa yona o sa thuthuhang.
Hore demokerasi le moruo wa sejwalejwale o sebetse hantle, boitsebiso le maemo a batho bohle ba phelang le ba sebetsang naheng ena ho tlameha hore ho ngodiswe ka nepo , mme e be mosebetsi o ka fihlellwang. Mesebetsi eo e leng yona ya Lefapaha la Lehae: ho ngodisa boitsebiso le maemo a baahi ba naha ; baahi le baeti ? ke ditaba tsa bohlokwa ho laoleng le ho esebediseng melao ya phedisano, moruo le dipolotiki. Ke motheo wa ho sebedisa demokerasi le ntshetsopele.
Lefapaha la Lehae e boela e le lesoba leo setjhaba sa rona le baeti ba rona ba bonang mmuso le naha ya rona ka lona. Maafrikaborwa ohle ha mmoho le baeti ba tswang mafatsheng a ka ntle ba etetseng naha ya rona ba hloka ditshebeletso Lefapheng la rona. Ka lebaka lena, maikutlo a bona ka tshebeletso ya lefapha ka kakaretso a thehhilwe hodima diketsahalo tsena. Hape ha re batla ho laola direkoto tsena, Lefapha le fuwe mosebetsi wa ho etsa melao o laolang motho ka mong ya tlang le ya tlohang Afrika Borwa.
Taolo ya ho falla naheng. Ho etswa mosebetsi o moholo nakong ena ho rupela bahlanka ba mmuso ba bofalledi ho ya ka ditlhoko tsa molao ona o motjha le ho lokisetsa Melao e tswang Molaong. Lefapaha le boela le sebetsa le ho hatella tshebediso ya Molao wa Baphalli, (Molao wa 130 wa 1998), o kenyeletsang ho phethahatswa ha disebediswa tsa matjhaba tse lebaneng le baphaphthehi.
Ka kakaretso, Lefapha la Lehae le fana ka ditshebeletso tse pedi tse ka sehloohong: ditshebeletso tsa baahi le ditshebeletso tsa bofalledi.
Tshebeletso ya bofalledi e lebane le ho laola ho kena, ho dula le ho tsamaya ha baditjhaba Afrika Borwa e laolwang ke Melao ya Bofalledi le Baphaphathehi. Le Matjhabeng le teng, Bofalledi e se e eba taba e hlokomelwang ho lemoha ditlhoko tsa setjhaba. Ho ya ka maemo a Afrika Borwa, tshebeletso ya bofalledi le yona e kenyeletsa mesebetsing yohle e phethwang diinstitusheneng tsa mmuso le mafapheng a fapaneng.
Tshebeletso ena e boela e kenyeletsa ho etswa ha ditaelo, ho hlahloba ha mesebetsi ya Bofalledi Diprovenseng le Diokantorong tsa Matjhaba, keketso ya diphemiti tse laolwang ke Lefapha, phallo e sa kgaotseng ya baditjhaba Afrika Borwa. Le ha ho le jwalo, sepheo sa bukana ena, boholo ba tsebiso bo tla lebana le ditshebeletso tse lebiswang baahing ba Afrika Borwa. Bukana e nngwe e fapaneng le ena ka ditshebeletso tsa bofalledi e tla boela e ngolwa. E tla ajwa ka bophara hang feela ha melao ya bofalledi e qetilwe mohlomong hore e tsamaelane le ho kgakolwa ha puso ya matjhaba ya bofalledi Afrika Borwa.
Nakong e itseng, batho ba bangata ba ne ba sa tsebe hore ho batlwa eng hore motho a ka fihlella ditshebeletso tsa Lefapha la Ditaba tsa Lehae. Bikana ena, Ditaba tsa Lehae ka Tshebeletso la Tshebeletso e ka o Thusang le batla ho hlalosa ka mokgwa o bobebe le o utlwahahalng, bohlokwa ba ho ngolla ho fumana ditokomane tse ka o thusang tse tswang Lefapheng la Ditaba tsa Lehae, se batlwang hore o kope tshebeletso e nngwe le e nngwe, ditjeho tse tsamamelanng le tsona, e ka ba nako e kae le hore tsebiso e nepahetseng e tsamaelanang le ditshebeletso tsa Lefapha la Ditaba tsa Lehae. Hobane motho e mong le e mong Afrika Borwa: moah, mophaphathehi kapa moeti ? ke tlelaente ya Lefpaha la Ditaba tsa Lehae, tshebeletso ya maemo a hodimo ke maikemisetso a moralo o ka sehloohong o laolang moarlo wa lefapha le se etswang. Lefapha le itelletse ho phetha mananeo a fapaneng a tla le fetola le ho ntlafatsa ditsamaiso le mesebetsi e fanang ka monyetla wa ho sebeletsa setjhaba ka maemo a hodimo.
Bukana le yona e tla bontsha ka ho arabela potso e boima: Moahi wa Afrika Borwa ke mang kapa ke mang ya lokelang ho ba moahi wa Afrika Borwa? Ho a utlwahala, menahano e tjena e tlameha ho kgothaletsa maikutlo haholoholo ha ho nahanwa ka nalane ya naha ya rona, moo re tswang teng , moo re yang teng , mme le ka boikgethollo ba rona le ho fapana ha rona, re ka etsa jwang, ha mmoho le ka motho ka mong hore re fane ka se utlwahalang melemong e fiperweng Molaong wa Motheo, Ka tsela eo, Lefapha ;la Ditaba tsa Lehae ke, ebile le tla tswela pele ho tataiswa ke ho hlompha ditlhahiso tse molaong wa motheo tsa hore Afrika Borwa ke ya bohle ba dulang ho yona, e le ntho e le nngwe ho fapaneng ha rona..
Bukana ena e ka fumanwa le ka Tshivenda, Xitsonga, Isizulu, Sesotho le Afrikaans. Ho ya ka maikutlo a Batho Pele, retshepa hore bukana ena e tla hlahlella Maafrikaborwa ohle ? basbeletswa ba rona bao re ba hlomphang haholo, ka tsebiso e hlokehang ka lefapha ho ya ka maikutlo a Batho Pele ? re setjhaba, re hlokomela setjhaba ebile re sebeletsa setjhaba.
KE MANG YA TSHWANELWANG KE BOAHI BA AFRIKA BORWA?
Molao wa Motheo wa Afrika Borwa o tiisa tokelo ya ho ba moahi, mme e re ho se ke ha eba le moahi ya hanelwang tokelo ena. Ho ya ka Molao wa Boahi wa Afrika Borwa (Molao wa No ya 88 ya 1995 le Molao wa No ya 17 ya 2004 jwalo ka ha e fetotswe), Boahi ba Afrika Borwa bo ka fumaneha ka tswalo, ho ba lelokong, ho dula Afrika Borwa dilemo tse seng kae, ho boela o ba moahi kapa ho ngodisa.
Moahi wa Afrika Borwa ka Tswalo
Molao oo ho hlalositsweng pejana o bile teng ho tloha ka 6 Mphalane 1995. O hlalosa hore moahi wa Afrika Borwa ka tswalo ke mang kapa mang ya hlahetseng Afrika Borwa ya nag le bonyane motswadi a le mong eo e leng moahi wa Afrika Borwa kapa a ahile ka botlalo ha motho eo a tswalwa. Dipehelo tse fapaneng di bile teng pele Molao o ba teng. Mang kapa mang ya angwang ke taba ena a batla hore ho lokiswe boahi ba hae a ikopanye le lafapaha la Ditaba tsa Lehae le haufi le yena kapa kantoro ya meshene ya Afrika Borwa e mafatsehng a ka ntle.
Ngwana ya hlahetseng Afrika Borwa e se moahi wa Afrika Borwa o na le tokelo ya ho ba moahi wa Afrika Borwa ka tswalo ha eba o nkuwa ke moahi wa Afrika Borwa ho ya ka Molao wa Tlhokomelo ya Bana wa 1983 (Molao wa 74 wa 1983). A ko hlokomele hore ho tswalwa ha ngwana ho ne ho tlamehile hore ho be ho ngodisitswe ho ya ka Molao wa Ngodiso ya Tswalo le Lefu wa 1992.
Moahi wa Afrika Borwa ka Leloko
Moahi wa Afrika Borwa ka leloko ke mang kapa mang ya tswetsweng ka ntle ho Afrika Borwa motswading eo e leng moahi wa Afrika Borwa. Ho tswalwa ha hae ho tlamehile hore ho be ho ngodisitswe ho ya ka Molao wa Tswalo le Lefu wa 51 wa 1992.
Moahi wa Afrika Borwa ka ho Tlwaetswa
Mang kapa mang eo e leng moahi wa Afrika Borwa ya nang le tumello ya ho ba moahi o lokelwa ke ho ngolla boahi ba Afrika Borwa ka tlwaetso ka mora dilemo tse hlano ha e se e le moahi wa ka mehla. Mang kapa mang ya nyetseng kapa a nyetswe ke moahi wa Afrika Borwa o lokelwa ke ho tlwaetswa ka dilemo tse pedi ka mora ho ba a fumane boahi ba hae ba ka mehla nakong eo a nyalwang ka yona ke moahi wa Afrika Borwa. Ngwana ya ka tlasa dilemo tse 21 ya nang le tumello ya boahi ba ka mehla ba o lokelwa ke tlwaelo ka mora hore ho ntshuwe tumello.
Moahi wa Afrika Borwa ka Ngodiso
Taba ena e sebetsa feela ho baahi ba Borithane ba tlileng Afrika Borwa pele ho 2 Loetse 1949, mme ba phetse mona bonyane dilemo tse pedi ka pele pele ho 2 Loetse 1949.
Ditlohoko le mekgwa ya ho sebetsa ya ho ngodisa jwalo ka Moahi wa Afrika Borwa
Ho ngolla boahi ba Afrika Borwa ka leloko ho tlameha hore ho fanwe ka tse latelang:
Tokomane e ngodisang tswalo e leng motjheng le Molao wa 1992 wa Tswalo le Lefu. Ha ho ka amohelwa ngwana e se wa hao, taelo ya ho amohela jwalo le yona e tla hlokeha.
Ha eba mokopi o hlaheile pele batswadi ba nyalana, e be batswadi ka bobedi ba lokela ho saena foromo ya ngodiso ya letshwao ya BI-24.
Bopaki ha eba motswadi Afrika Borwa o fumane boahi ba naha e ka ntle
Bopaki ba tswalo ya motswadi wa Afrika Borwa.
Dikopo di ka etswa Ntlong ya Bonnqosa, Boromuwa kapa kantoro ya Ditaba tsa lehae.
Ho ngodisetsa boahi ba Afrika Borwa ka setlwaedi ho tlameha hore ho fanwe ka tse latelang:
Bopaki ba hore ke moahi wa ka mehla.
SAP ka menwana yohle e hatisitsweng - ho fumana pehelo ya sepolesa.
Batswadi kapa bahlokomedi ba nang le boikarabelo ba saene diforomo tsa dikopo ha eba motho ya batlang tlwaetso ke ngwana ya ka tlase ho dilemo tse 16.
Foromo e tlatsitsweng ya BI-9 ka menwana yohle e hatisitsweng le ditshwantsho tsa Boitsebiso tsa boholo ba (45mm length x 35 mm width), di tlameha hore ho fanwe ka tsona mabapi le bana ba fetang dilemo tse 15. Mokgwa ona ke wa ho fumana tokomane ya boitsebiso ka mora tlwaetso e se e amohetswe.
Ho lahlehelwa ke ho ba Moahi ka ntle ho lebaka
Hona ho etsahala ha moahi wa Afrika Borwa:
a fumana boahi ba naha e nngwe ka boyena le ka molao, ho e na le ka lenyalo, kapa;
a sebetsa bosoleng ba naha e nngwe , moo e leng moahi teng, ha ba lwantshana le Afrika Borwa.
Le ha ho le jwalo, hona ha ho etsahale ha eba motho eo o ngolletse ho Letona ho boloka boahi ba hae ba Afrika Borwa pele a fumana boahi ba naha e nngwe le/kapa a sebeletsa mabotho a naha e nngwe a hlometseng.
Ho batlisisa hore motho o lahlehetswe ke boahi ba hae ba Afrika Borwa , foromo ya BI-529 e tlameha ho tlatswa le ho iswa dikantorong dife kapa dife tsa Lefapha naheng kapa ka ntle ho naha.
Ho hanelwa ho ba Moahi
Moahi wa Afrika Borwa ka tlwaetso a ka hanelwa ho boahi ba hae ha eba:
Setifikeiti sa tlwaetso se fumanwe ka bokunyata kapa a fane ka tsebiso eo e seng ya nnete ka boyena.
Ha e le moahi wa naha e nngwe, mme ka nako efe kapa efe, a kile a ahlolelwa dikgwedi tse 12 a ba a ya tjhankaneng naheng efe kapa efe ka molato o ka beng o bile molato le Afrika Borwa.
Mabakeng ana a mabedi ha ho na kopo e bileng teng. Motho ya amehang o fumana lengolo (audi alteram letter). Lengolong leo ho na le karolo moo a ka fanang ka mabaka a hlalosa hobaneng a lokela hore a se ke a hanelwa ho ba moahi. Hona ho tla elwa hloko pele qeto ya ho qetela e etswa.
Ho ba moahi kapa morabe wa naha e nngwe
Motho ofe kapa ofe ya batlang ho ba moahi wa naha e nngwe ho ya ka molao o lokela ho ngolla Letona la Ditaba tsa Lehae hore a tle a boloke boahi ba Afrika Borwa pele a ka fumana boahi ba naha e nngwe.
Ditlhoko ke:
Diforomo tsa BI-1664 le BI-529 tse tlatsitsweng ka tshwanelo, ka tefello e balletsweng ya R115.00 e a lefuwa.
Dikopo di ka romelwa dikantorong dife kapa dife tsa lefapha tse ka ntle kapa ka hara naha.
Pele Molao wa Boahi wa Afrika Borwa o fetotsweng (Molao wa 17 wa 2004) o ka phethwa, Moafrikaborwa ya neng a sebedisa paseporoto ya naha e nngwe o ne a ka hanelwa boahi ba hae ke Letona la Ditaba tsa Lehae. Se hlokehang mabapi le qhelela thoko mabaka a mang kapa mangolo a tumello a tswang ho Letona e le hore motho a ka sebedisa pasepororto ya naha e nngwe ha e sa hlola e le teng.
Ho ya ka Molao wa Boahi o Fetotsweng wa Afrika Borwa wa 2004, o bileng teng ka 15 Loetse 2004, ke tlolo ya molao jwale hore Moafrikaborwa ya fetang dilemo tse 21 a ka tla Afrika Borwa a sebedisa paseporoto ya naha e nngwe. Ebile, jwale ke tlolo ya molao ya moahi ya jwalo, ha a a le Afrika Borwa, hore a sebedise boahi ba hae ba naha e ka ntle kapa bomorabe ba hae ho ba le monyetla kapa ho qoba boikarabelo kapa mosebetsi.
Ho qala ho ba moahi wa Afrika Borwa
Moahi wa mehleng ka tswalo ofe kapa ofe kapa ka ho ba wa leloko ya:
i kgaotsang Boahi ba Afrika Borwa , kapa ii ka boyena o kgaotsa ho ba Moahi wa Afrika Borwa; a ka ngolla hore a amohelwe hape e le moahi wa Afrika Borwa. Le ha ho le jwalo, motho enwa a kgutlele Afrika Borwa hore a tlo dula ho ya ho ile.
Ditlhoko tsa tsena ke:
NGODISO YA TSWALO
Molao wa Ngodiso ya Tswalo le Mafu (51 wa 1992), o hlalosa hore ho tswalo ya ngwana e lokela ho behelwa le ho ngodiswa matsatsing a 30 a ho hlaha ha ngwana. Taba ena e tla thusa Lefapha la Ditaba tsa Lehae ho ntlafatsa direkoto tsa lona le ho re thusa ho etsa Rejistara ya Setjhaba e ka tshetjwang ebile e nepahetse naheng. E tla boela e thusa Lefapha la Ditaba tsa Lehae ho thusa ka potlako ka ditshebeletso tse ding tseo e lokelang ho di etsa ha ngwana a se a hodile (ho tea mohlala setifikeiti sa tswalo, bukana ya Boitsebiso jj). Ho ngodisa tswalo, motho o tlameha ho tlatsa foromo ya BI-24 (Tsebiso ya Tswalo), mme a e romele kantorong e haufi le yena ya Lefapha la Ditaba tsa Lehae. Ha ebe mokopi o mose, a romele kopo ya hae Kantotorong ya Boromuwa kapa ya Bonnqosa e haufi Afrika Borwa.
Ha eba ngwana o hlahetse ka ntle ho Afrika Borwa , mme e mong wa batswadi ke moahi wa Afrika Borwa ha ngwana a hlaha, tswalo eo e ka tsebiswa Kantoro ya Bonnqosa ya Afrika Borwa kapa kantorong ya lebatowa ya Lefapha la Ditaba tsa Lehae la Afrika Borwa.
i foromo e tlatsitsweng ya B-24, BI-24/1 kapa ya BI-24/15 le ii foromo e tlatsitsweng ya BI-529 Lethathama la Dipotso la Boahi, iii kgatiso e saenetsweng ya setifikeiti sa ngwana ya hlahetseng ka ntle ho naha ka dintlha tse felletseng tsa batswadi ba ngwana.
Moo e leng hore ngwana ya dilemo tse 15 le wa dilemo tse fetan tseo, kopo ya BI-9 ya tokomane ya boitsebiso e tlameha ho tlatswa.
Ditlhoko tsa ngodiso ya tswalo
Ke taba ya bohlokwa hore tsebiso ya tswalo e behelwe ke e mong wa batswadi kapa mohlokomedi. Ha eba ho se e mong wa batswadi ya ka tsebisang, motho, ya ka kotjwang ke batswadi kapa mohlokomedi a ka ba tsebisetsa. Motho eo o tlameha ho ba le lengolo le mo dumellang la batswadi.
Ngwana ya tswetsweng ke batswadi ba nyalaneng a ka ngodiswa ka fane ya ntate kapa mme kapa ka fane ya ntate le mme ha eba ka bobedi ba bona ba dumela taba ena.
Ngwana ya tswetsweng ke batswadi ba sa nyalanang o ngodiswa ka fane ya mme. Mme ngwana eo a ka nna a ngodiswa ka fane ya ntate ya mo tswetseng ha ntate eo a dumela hore ke ntatae. Ntate le mme ha mmoho ba dumele ho ngodisa ngwana ka fane ya ntate pontsheng ya mohlanka wa mmuso Lefapheng la Ditaba tsa Lehae.
Mekgwa e fapaneng ya tsebiso ya Tswalo
Tswalo e tsebisistsweng matsatsing a 30 ka mora ho hlaha ha ngwana
Le ha Molao wa Ngodiso ya Tswalo le Mafu (Molao wa 51 wa 1992) o batla hore ho tswalwa ha lesea ho ngodiswe matsatsing a 30 ka mora tswalo, ho na le mabaka a mang a ikgethileng a ka sistisang hore ho ngodiswe ka nako eo. Ditsebsio tsa tswalo ka mora matsatsi a 30 di bitswa dingodiso tse diehileng. Foromo e le nngwe feela e batlwang ha ho le tjena ke foromo ya Tsebiso ya Tswalo (BI-24) e saennweng ke e mong wa batswadi kapa mohlokomedi. Ho etswa phapang mekgeng e meraro ya ngodiso e diehileng ka mekgwa e meraro e latelang:
i tswalo e tsebisitsweng ka mora matsatsi a 30, empa e le pele ho selemo se le seng, ii tswalo e tsebisistsweng ka mora selemose le seng, empa pele ho dilemo tse 15 le;
iii tswalo e tsebisitsweng ka mora dilemo tse 15.
Tswalo e tsebisistsweng ka mora matsatsi a 30, empa pele ho selemo se le sengr tabeng ena , batswadi kapa mohlokomedi o tlameha ho tlatsa foromo ya BI- 24. Batswadi kapa mohlokomedi le yena a fane ka mabaka a hore hobaneng ha tswalo eo e sa ka ya ngodiswa pele ho matsatsi a 30 jwalo ka ha molao o hlalositse.
Ha eba batswadi ha ba a nyalana, mme ba batla ho ngodisa ngwana ka fane ya ntate, ntate a dumele hore ke ntata ngwana sekgeong seo ho fanweng ka sona foromong ya BI-24. Ntate a be teng ha ho ngodiswa tswalo.
Ha eba batswadi ba nyalane, tswalo ya ngwana e tla ngodiswa ka fane ya ntate.
Tefello:Ha ho leshwe letho.
Tswalo e tsebiswang ka mora selemo se le seng, empa pele ho dilemo tse 15
Btswadi kapa mohlokomedi o tlameha ho tlatsa foromo ya BI-24/1. Ba tlameha ho fana ka mabaka hape hobaneng ha tswalo e sa ngodiswa matsatsing a 30 jwalo ka ha molao o boletse. Ditokomane tse thusang tse hlalosang ka botlalo temaneng ya 3.3 di iswe ka nanko e le nngwe.
Tefello:Ha ho leshwe letho
Tswalo e tsebisitsweng ka mora dilemo tse 15
Ha o ngodisa ho tswalwa hona , foromo ya BI-24/15 e a sebediswa. Ena e latelwa ke foromo ya BI-9 (ho ngolla ha bukana ya boitsebiso) le tokomane e nepahetseng e hlalositsweng ya temana ya 3.3. Batswadi kapa mohlokomedi le bona ba lokela ho fana ka mabaka a hobaneng tswalo e ne e sa ngodiswe matsatsing a 30 jwalo ka ha ho lokela ho ya ka molao.
Tefello:Ha ho leshwe letho
Ditokomane tse hlokehang ha o ngodisa ho tswalwa ka mora selemo se le seng
Ditokomane tse latelang di a hlokeha ka mabapi le ngodiso ya tswalo ya ngwana ya sa ngodiswang selemong se le seng sa tswalo ya ngwana:
Kgatiso e saennweng ya ditokomane tsa mme tsa boitsebiso ha eba batswadi ha ba a nyalana, mme ntate ha a dumele hore ke ngwana wa hae. Kapa, ha eba nate ya mo tswetseng a dumela hore ke ngwana wa hae, kgatiso e saennweng ya batswadi ka bobedi ya ditokomane tsa boitsebiso di a hlokeha. Ha eba ho nyetswe mme ya tswetseng ngwana, dikgatiso tsa batswadi ka bobedi tsa ditokomane tsa boitsebiso le lengolo la bona la lenyalo le lona le a hlokeha, kapa
Setifikeiti sa sepetlele kapa tliliniki moo ngwana a tswaletsweng teng. Setifikeiti se saenwe ke motho ya sebetsang moo (Suparinthendente kapa Materone), mme se be le lebitso la semmuso la sebaka le mohla oo ho tempilweng ka ona, kapa
Kamohelo ya dintlha tsa ngwana jwalo ka ha di ngotswe rejisetareng ya sekolo kapa setifikeiting sa sekolo sa sekolo sa pele seo ngwana a se keneng se saennwe ke Mosuwehlooho. Kamohelo eo e be le nomoro ya mosuwehlooho ka boyena lengolong le nang le lebitso la sekolo la molao le na le setempe sa mohla tshaeno le lebitso la molao la sekolo, kapa
Setifikeiti sa ngwana sa kolobetso, ha eba se ntshitswe dilemong tse hlano tsa tswalo, kapa
Ha eba batswadi ha ba yo, afidaviti ka eo a tswalanang le yena ya dilemo tse bonyane tse 10 ho feta tsa ngwana, ya tsebang ka tswalo ya ngwana, mme a ka tseba ho tiisa boitsebiso ba ngwana le maemo, kapa
Ha e le hore ngwana o lahlilwe, pehelo ya mosebeletsi wa phedisano, kapa
Karete ya tliliniki kapa tokomane efe kapa efe e ka thusang ho fana ka boitsebiso ba ngwana le maemo, kapa
Setatemente sa motho ya tsebang mokopi ka boyena, mme a ka tiisa ka batswadi ba mokopi. Motho enwa o tla tlameha ho felehetsa mokopi ho ya kantorong ya Lefapha la Ditaba tsa Lehae moo mokopi le motho eo ba tla botswang dipotso teng ka ho fapana.
Tsebiso ya tswalo ya ngwana ya lahlilweng kapa kgutsana
Ha ho ngodiswa ngwana eo batswadi ba hae le/ kapa bao a tswalanang le bona ba ke keng ba fumanwa, tsebiso ya foromo ya tswalo (BI-24) e tlatswe. Pehelo ya mosebeletsi wa phedisano e a hlokeha, ka ha dintlha tsa ngwana tse tswang ho batswadi di le siyo. Ha ho ngodiswa ngwana, mme ho etsahala ka letsatsi le le leng feela tswalong e tsebisitsweng matsatsing a 30 a balletsweng, setifikeiti se kgutsufaditsweng se ntshuwa mahala ka ntle ho tefello.
A ko hlokomele, ngodiso e diehileng e ka ba ya nako e telele ho ya ka diphuputso tse hlokehang ho batlisisa boitsebiso le maemo a ngwana. Ho qoba ditiehiso, ngodiso ya ngwana e rejisetarwe matsatsing a 30.
Tefello:Ha ho leshwe letho
Ngodiso ya Setifikeiti sa Tswalo
Dikopo tsa setifikeiti se sa kgutsufatswang di ka etswa kantorong efe kapa efe ya lebatowa ya Lefapha ka tefello ya R45.00 setifikeiti se le seng. Mosebetsi ona o ka phethahala dibekeng tse 8-12.
Jwalo ka karolo ya boitelo ba ho ntlafatsa boemo bo hodimo ba bophelo ba baahi bohle, Lefapha la Ditaba tsa Lehae le qadile Letsholo la Aterese ya Khomputa ya Ngodiso ya Ngwana. Hona ho hlokomela hore Lefapha la Ditaba tsa Lehae le kgona ho ngodisa le ho ntsha ditifikeiti tse kgutsifaditsweng tsa tswalo dipetleleng tse kentseng letsoho ka pele ka mora tswalo ya lesea. Mosebetsi ona o tla phethahatswa dipetleleng tse ngata ka moo ho ka kgonwang ka teng.
KOPO YA TOKOMANE YA BOITSEBISO
Hobaneng ha ho hlokeha hore ho kotjwe Tokomane ya Boitsebiso?
Tokomane ya Boitsebiso le tokomane e bontshang ka hore o mang. Ke hore, e bontsha hore ke wena eo o reng o mang. Ho na le dibaka tseo ho tsona o tla batlang ho sebedisa Tokomane ya Boitsebsio ya hao. O tla hloka Tokomane ya Boitsebiso ya hao ho fumana ntlo, thuto, le ditshebeletso tsa tlhokomelo tsa bophelo bo botle, ho ngolla laesense ya ho kganna, ho batla mesebetsi, ho ngodisa ho ngola hlahlobo, ho saenela ditumellano tsa kgwebo kapa tshebdisano kgwebong kapa ho ngodiisetsa letlole la Inshorense la Ho hLoka Mosebetsi. Ditokomane tsa Boitsebiso di ka sebedisetswa ho hape ho kgetha dikgethong tsa setjhaba, porovense le tsa lehae.
Ke mang ya nang le tokelo ya ho ngodisetsa Tokomane ya Boitsebiso?
Tokomane ya Boitsebiso e ntshuwa ho ya ka Karolo ya 25 ya Molao wa Boitsebiso wa 1997. Molao ona o hlalosa hore ha eba o le moahi wa Afrka Borwa kapa o na le tumello ya ho ba moahi wa nako e telele, mme o na le dilemo tse 16 kapa ho feta tseo, o na le tokelo ya ho ngodisetsa Pasa.
Mang kapa mang ya sebeletsang mmuso kapa mokgatlo o theilweng ka molao wa mmuso ka ntle ho Afrika Borwa kapa ya kopilweng ho ya sebeletsa mmuso wa naha e nngwe le yena o na le tokelo ya ho fumana pasa. Le molekane wa hae le yena o na le tokelo eo le/kapa bana.
O tlamehile hore o tsebeng ha o ngolla Tokomane ya Boitsebiso
Ho fumana pasa:
foromo ya kopo ya BI-9 e lokela ho tlatswa
Kgatiso ya setifikeiti sa tswalo kapa nomoro ya tokomane ya boitsebiso, kapa kgatiso ya boitsebiso ya dinaha tsa TBVC (Transkei, Bophutatswana, Venda le Ciskei) kapa paseporoto, le ditshwantsho tse pedi tsa boholo ba Pasa tse sa tswa nkuwa tsa tshwanang, le kgatiso ya menwana e tla nkuwa ho ngodisa Rejisetareng ya Palo ya Batho foromong ya kopo ya BI-9. Hona ho ka etswa ke mohlanka wa mmuso wa Lefapha la Ditaba tsa Lehae kantorong ya lebatowa kapa ya setereke kapa Kantorong ya Boromuwa ya Ditaba tsa Ka ntle ya Afrika Borwa.
Ha eba o nyetse, setifikeiti sa lenyalo se tlameha ho nehelanwa,
Mohlomong mosadi a kope Tokomane ya Boitsebiso, mme a qalelle ho sebedisa fane efe kapa efe eo a neng a e sebedisa pele eo a neng a tsejwa ka yona, tokomane ya bopaki, ho tea mohlala, setifikeiti sa tswalo kapa setifikeiti sa lenyalo se nehelanwe ho paka e ne e le wa fane eo.
Ha e le hore e ka sebediswa hape, Tokomane ya Boitsebiso e ka fuwa batho bao dipasa tsa bona di lahlehileng, di utswitsweng kapa di senyehileng.
Ha eba o le mohlolohadi, setifikeiti sa lefu sa molekane ya hlokahetseng se a hlokahala.
Ha e le mabapi le ya tlwaeditsweng ho dula ena kapa ya tla dula saruri, setifikeiti sa ho tlwaetswa ho dula naheng kapa setifikeiti sa ho dulela saruri kapa setifikeiti sa tumello se kgomaretswe.
Ha e le mabapi le ngodiso e diehileng teng, a ko bale temana ya 3.2.4 ka hodimo mona.
Ditjeho tsa ho ngodisetsa Tokomane ya Boitsebiso
Kopo ya pele ha e lefellwe. Le ha ho le jwalo, bakopi ba kotjwa ho tla ka ditshwantsho tsa boholo ba Tokomane ya Boitsebiso tse pedi. Ho lefuwa R15 ha tokomane ya boitsebiso e ntshuwa lekgetlo la bobedi.
O ka ngodisa kae ho fumana Tokomane ya Boitsebiso?
Eya Kantorong e haufi le wena ya Lefapha la Ditaba tsa Lehae. Dintlha tsa Kantoro ya Lebatowa di ngotswe ka morao bukaneng ena. Bakopi ba dinaha tse ding ba ka ngodisetsa ditokomane tsa boitsebiso kantorong ya boromuwa ya Afrika Borwa e haufi kapa Khomesehene e ka Sehloohong ya mose.
Ho latuwa ha Tokomane ya Boitsebiso
Ka mora hoba tokomane ya boitsebiso e ntshuwe, e lebiswa kantorong ya Lefapha la Ditaba tsa Lehae moo mokopi a qadileng ho tlisa kopo ya hae teng. Tokomane ya Boitsebiso e tla romelwa feela atereseng ya posos ya mokopi ha eba mokopi a ka kopa ka mokgwa oo le hore ebe aterese eo ya posos e nepahetse.
Tokiso ya diphoso Tokomaneng ya Boitsebiso
Lefapha la Ditaba tsa Lehae le sebetsa ka dikopo tsa Ditokomane tsa Boitsebiso tse ka bang mahareng a milione le dimilione tse tharo ka selemo. Palo ena e kgolo ya dikopo e kopanyetsang le bothata ba diforomo tse tlatsitsweng hampe, di ka baka diphoso dibukeng tsa Ditokomane tsa Boitsebiso. Le ha ho le jwalo, diphoso tse jwalo tokomaneng ya boitsebiso di lokiswa ntle le tefllo. Doromo tsa BI-9 le BI-309, bopaki ba tsebiso e nepahetseng le ditshwantsho tsa boholo bo Tokomaneng ya Boitsebiso tse pedi di iswe Kantorong efe kapa efe ya Lefapha la Ditaba tsa Lehae.
Le kotjwa hore le ele hloko:
Ditefello tsohle di tla fetoha ka ho ya ka tekolo botjha e etswang selemo le selemo ka la 1 Mmesa
KOPO YA PASEPOROTO
Paseporoto ke eng?
Pasepororto ke tokomane e hlokehang ha o etela naha e nngwe. Baahi ba Afrika Borwa ba ikemiseditseng ho etela dinaha tse ka ntle ho Afrika Borwa ba tlameha ho ngoldisetsa paseporoto ka nako. Ho na le mefuta e fapaneng ya Dipasepororto tsa Afrika Borwa, e leng:
Pasepeororto e tlwaelehileng e na le maqephe a 32, mme paseporoto e kgolo e na le a 64. Mefuta yohle ya dipaseporoto e hlaloswa ka botlalo ka pele tokomaneng ena.
Dikopo tsohle tsa mefuta e fapaneng ya dipaseporoto e tlameha ho tlatswe foromong ya kopo ya BI-73, mme o ikise ka bowena Kantorong ya Lefapha la Ditaba tsa Lehae kapa kantorongng ya Boromuwa ya Afrika Borwa, ha eba mokopi a le mose. Mokopi a kgotsofatse mohlanka wa dipaseporoto ka bopaki ba boitsebiso ba hae. Ditshwantsho di tla hlahlojwa ho hlokomela hore ke tsa nnete tsa mokopi. Bakopi ba nang le dilemo tse 16 kapa ho feta moo, ba tla lokela ho hatiswa menwana e le hore di hlahlojwe ho ya ka Rejisetara ya Palo ya Setjhaba.
Ke mang ya nang le tokelo ya ho ngolla Paseporoto?
Ke baahi feela ba Afrika Borwa ba nang le tokelo ya paseporoto ya Afrika Borwa. Mabpi le ba nang le buka e bolou le ba nang le buka ya boitsebiso eo ba e fuweng pele ho 01 Phupu 1986, bakopi ba tlameha ho ngolla Tokomane ya Boitsebiso e nang le metsero. Bakopi ba qalang ho kopa ba ka batla Tokomane ya Boitsebiso le pasepeoroto ha mmoho ka nako e le nngwe. Bakopi ba tsona ka bobedi di ka etswa ka bobedi ka nako e le nngwe, ha eba motho a ke ke a a emela hore a fuwe Tokomane ya Boitsebiso.
Tsebiso e hlokwang ha o ngolla Pasepeoroto
Ena ke paseporoto e fuwa baahi ba Afrika Borwa ba dilemo tse 16 kapa ho feta moo. Ho ngolla pasepeoroto ya batho ba baholo ya afrika Borwa, o tla lebellwa ho tlatsa foromo ya BI-73, mme o e tle ka ditshwantsho tse pedi tse ntjha tsa pasepoeroto. Ha eba ha o so hatiswe menwana Rejisetareng ya Palo ya Setjhaba, ho tlamehile hore ho hatiswe menwana yohle ya hao foromong ya Bl-9 ke mohlanka wa mmuso wa Lefpaha la Ditaba tsa Lehae. O boela o lebllwa ho fana ka kgatiso e saennweng ya Tokomane ya Boitsebiso ya hao ya afrika Borwa kapa setifikeiti sa tswalo.
Nako ya tshebetso: Dibeke tse tsheletseng
Bakopi ba ka kgetha ho lata dipaseporoto tsa bona kantorong moo ba ngolletseng teng kapa ba fumane pasepeororto ka poso. Ha eba ba ikgethela ho e fumana ka poso, ba tla atlameha ho lefa R21 ya poso ya rejisetara.
Ditjeho: R155
Paseporoto ena e ka sebediswa ka dilemo tse 10.
Paseporoto ya Bana
Paseporoto ya bana e fuwa baahi ba Afrika Borwa ba ka tlase ho dilemo tse 16. Ha o ngolla paseporoto ya bana, ho tlatswe foromo ya BI-73. Kopo e tlameha hore e felehetswe ke setifikeiti sa tswalo, tumello ya batswadi ha eba ba nyalane le ditshwantsho tsa boholo ba tsa paseporoto tse ntjha tse pedi. Ha eba ngwana o tswetswe pele batswadi ba nyalana, e tla ba mme ya mo tswalang feela eo tumello ya hae e tla amohelwang hore ngwana a fumane paseporoto ena.
Nako ya tshebetso: Dibeke tse tsheletseng
E ka latwa moo ho ngolletsweng teng kapa e ka romelwa ho wena ka posos e rejisetarilweng.
Ditjeho: R115
Paseporoto ena e ka sebediswa ka dilemo tse 5.
Paseporoto e Kgolo
Paseporoto e Kgolo ke tokomane ya maqephe a 64. E qadile ho sebediswa ka 02 Tshitwe 2002 ho thusa bahalaudi ba etang ka mehla ka tokomane ya bohahlaudi e nang le maqephe e fetang a 32 a paseporototo ya bohahlaudi.Paseporoto ena e tshwana le pasepororto ya Bohalhaudi ka ntle ho hore e na le palo e balehang habe di ya maqephe hore e fane ka maqephe a visa a mang. Tefeloo e balletsweng ke e iphethang habedi ho ya paseporoto ya bohahlaudi.
Nako ya tshebetso: Dibeke tse tsheletseng.
Ditjeho: R310.
Paseporoto ena e ka sebediswa ka dilemo tse 10.
Paseporoto ya nakwana e fuwa baahi ba Afrika Borwa ba tlamehang ho nka leeto ka tshohanyetso ka lebaka le utlwahahalang, mme ba ke ke ba emela dipaseporoto tsa bona hore di fumanehe ka tshebetso e tlwaelehileng. Paseporoto ya nakwana e ntshuwa feela ha e le hore paseporoto ya saruri e ngolletswe. Ho ngolla paseporoto ya nakwana, bakopi ba lebellwa ho tlatsa foromo ya BI-73.
Nako ya tshebetso: Beke e le 1
Ditjeho: R75. Ho lefellwe hape R12 ya ho fekesa kgatiso ya menwana ha e le hore ho batlwa bopaki ka pele.
Paseporoto ena e ka sebediswa ka dikgwedi tse 12
Paseporoto ya Tlokotsi
Paseporoto ya Tlokotsi e fuwa:
batho ba batlang ho nka leeto la tlokotsi ho ya dinaheng tse haufi le Afrika Borwa tse sa batleng divisa tsa ho kena naheng eo kapa:
mokgwa wa tlokotsi wa ho kgutlela Afrika Borwa.
Hore o tle o ngolle paseporoto ya Tlokotsi, tlatsa diforomo tsa BI-73 ka botlalo. Hapehape, le lengolo le hlalosang hore hobaneng ha o hloka paseporoto ya tlokotsi le lona le romelwe le tokomane ya boitsebiso ya Afrika Borwa kapa setifikeiti sa tswalo. Ha eba paseporoto ya pele ya Afrika Borwa e ile ya utsuwa kapa ya lahleha, jwale ho tla hlokwa pehelo ya sepolesa e le hore kopo e tle e sebetswe.
Nako ya tshebetso: Matsatsi a 5
Paseporoto ena e ka sebetsa ka dkgwedi tse 9, empa e ka sebediswa leetong le le leng feela naheng eo ho uwang kapa ho tsuwang ho yona Afrika Borwa.
Paseporoto ya Semmuso
Paseporoto ya Semmuso e fuwa mohlanka wa mmuso ya sebeletsang diintsitushene tsa mmuso ya tlamehang ho nka leeto la semmuso. Dikopo tsohle di lokela ho tlatswa foromong ya kopo ya BI-73 , mme e lokela ho romelwa ke mohlanka wa mmuso ka boyena Kantorong ya Lefapha la Ditaba tsa Lehae kapa Kantorong ya Boromuwa ya Afrika Borwa, ha eba a le mose ho mawatle. Kopo e romelwe le lengolo le tswang institusheneng moo mokopi a sebetsang teng ka mabaka a hlalosang hore hobaneng mokopi a batla paseporoto ya semmuso.
Nako ya tshebetso: Ho tloha bekeng e le nngwe ho ya ho tse tsheletseng ho tla tswa feela ka bohlokwa ba leeto.
Ditjeho: Ha ho leshwe letho.
Paseporoto ena e ka sebetsa ka dilemo tse 5.
Paseporoto ya Afrika Borwa e emelang e nngwee lahlehileng/e utswitswengt
Ha eba pasepororto ya Afrika Borwa e ka lahlea kapa ya utsuwa, ditjeho tsa ho fumana e nngwe di eketseha habedi ho ya ka tseo o di lefelletseng pele. Kopo e tsamaelane le ditshwantsho tsa boholo ba tsa paseporoto tse ntjha tse pedi.
R620 ? Paseporoto e Kgolo
Nako ya tshebetso:Ho tloha bekeng e le nngwe ho ya ho tse tsheletseng ho tla tswa feela ka bohlokwa ba leeto.
Mabapi le leeto la tlokotsi pasepororto ya tlokotsi/ ya nakwana e tlameha ho ngollwa ho fihlela e nngwe e be e fihla
Dipaseproto tse Fedileng kapa tse Tletseng
Paseporoto e fedileng ke eo nako ya yona ya ho sebediswa e fedileng. Hang ha ho etsahala jwalo, o ke ke wa hlola o ka e sebedisa hape le ha pasepororto e sa tlala. E ka mpa yaba o tlameha ho ngolla e nngwe e ntjha. Ha eba pasepororto ya hao e tlala pele nako ya yona ya ho sebediswa e fela, o tlameha ho ngolla e ntjha.
Hona ho tla tswa ka hore paseporoto eo o e ngollang ke ya mofuta ofe. Bala theibole e latelang:
Kgutsufatso ya ditjeho tsa ho ngolla Dipaseporoto
Paseporoto ya Motho e moholo R155.00
Paseporoto ya Ngwana R115.00
Tokomane ya Ho Hahlaula R 115.00
Paseporoto ya Nakwana R75.00
Paseporoto e Kgolo R310.00
E kgolo (e lahlehile) R620.00
Ya Batho ba baholo (e lahlehile) R310.00
Ho fuwa Paseporoto e nngwe ya
Bohahlaudi ya Afrika borwa ha ya pele e se
E fedile maqephe R120.00
Le kotjwa hore le ele hloko:
Ditefello tsohle di tla fetoha ka ho ya ka tekolo botjha e etswang selemo le selemo ka la 1 Mmesa
DIPHETOLO TSA DINTLHA TSA MOTHO TSA SEQO
Lefapha le a tseba hore ho na le mabaka a utlwahalang ao ka ona motho a ka batlang ho fetola direkoto tsa hae. Ho na le mefuta e fapaneng ya diphetoho eo baahi ba Afrika Borwa ba ka di etsang ka direkoto tsa bona. Mefuta e fapaneng ya diphetoho e bang teng rejisetareng ya tswalo ya motho ka boyena e ngotswe ka lenane ka tlase mona.
EL: Moahi wa Afrika Borwa ya nang le dilemo tse 18 kapa ho feta moo, o nkuwa e le motho e meoholo ho ya ka diphetoho tse entsweng ho ya ka dipehelo tsa Molao wa Ngodiso wa Tswalo le Lefu, 1992.
Phetoho ya ngodiso ya tswalo ya ngwana ya tswetsweng pele batswadi ba nyalana ho ngodiswa hape
Karolo ya 11 ya Molao wa Ngodiso wa Tswalo le Lefu wa ngwana ya tswetsweng pele batswadi ba nyalana e tla fetolwa. Bana ke batswadi ba mo tswetseng ba nwana eo ka bobedi ka mora ngodiso ya tswalo ya ngwana, jwalo ka ha eka ba nyalane ka nako eo a ngwana a neng a tswalwa ka yona.
Ditjheho: Ha ho leshwe letho.
Tsebiso e hlokehang mabapi le phetoho
Ngodiso ya Tswalo le yona e na le monyetla wa ho ngodisa ho tswalwa hape ha eba batswadi ba nyalane ka lenyalo la Sesotho (ho ntsha bohadi) ka mora hore tswalo ya ngwana e ngodiswe. Ditokomane tsa phetoho ena ke: tsebiso ya tswalo e ntjha, afidaviti ya batswadi ba tswetseng ngwana le setifikeiti sa lenyalo.
Moo e leng hore motswadi kapa btswadi ka bobedi ba hlokahetse, eo a tswalanang le mofu ka molao a romele setifikeiti sa mofu/ bafu ha mmoho le afidaviti.
Kamohelo ya hore ke ntata ngwana
Molao wa Ngodiso ya Tswalo le Lefu o dumella ho amohelwa ha ntata ngwana ya mo tswalang (ya sa nyalang mma ngwana ya tswetseng ngwana) wa ngwana ya tswetsweng pele ba nyalana, mme eo e leng hore o se a ngodisitswe ka tswalo ka ntle ho dintlha tsa ntatae.
Ha eba mme a dumela kamohelo ena, yena le ntata ngwana ba tlameha ho tlatsa foromo e ntjha (BI-1682). Moo e leng hore sefane sa ngwana se tlameha ho fetolwa le sona ho ba sa ntate, foromo e nngwe (BI 193) e tlameha ho tlatswa. Ha eba mma ngwana a hana ho dumela, ntata ngwana o tlameha ho ya Lekgotleng le Phahameng hore a fumane taelo e tla laola seo mma ngwana a se batlang. Taelo eo e beilweng e lokela ho kgomathisetswa foromong e tlatsitsweng ya (BI 1682).
Ditjeho: Tefello e balletsweng mabapi le tshebeletso ena ke R 48.
Ha eba mabitso mabitso ha a a ngodiswa hohang feela setifikeiting sa hae sa tswalo, motho eo a ka kopa lebitso la hae kapa sefane hore se ngolwe setifikeiting. Hona ho bitswa tlhaloso ya ngodiso ya tswalo. Molao o dumella taba ena ha eba motho eo o ile a ngodiswa pele ho Molao o e ba teng. Ho tea mohlala, Karolo ya 23ya Molao wa Ngodiso wa Tswalo le Lefu , wa 1992 o lebisa haholoholo ho mofalli wa Moindia eo, pele ho 1996, a neng a sa dumellwa ho ngodisa ka molao ka lebitso la hae le ka sefane sa hae. Ka lebaka lena, boholo ba direjisetara tsa bona di ne di e na le mabitso feela e seng difane.
Ditokomane tse hlokehang:
Bakopi ba lebellwa ho romela:
i foromo ya kopo ya BI-795
ii kgatiso ya setifikeiti sa lenyalo ha eba se hlokeha.
Ditjheho: Tshebeletso ena ha e lefellwe.
Diphetoho tsa mabitso a tlang pele ho sefane
Molao o dumella mang kapa mang ho fetola lebitso la hae leo a ngodisitsweng ka lona. Hore ho tle ho etsahale jwalo, bakopi ba tlameha ho romela:
i foromo ya kopo ya BI-85 kapa kopo e ngotsweng, le ii bopaki ba tefello ba tjhelete e hlokwang.
Ho lefellwe R80 ho mokopi ya ka tlasa dilemo tse 18 kapa ya moholo ho feta dilemo tseo.
Diphetoho tsa sefane sa ngwana
Ngwana ya ka tlase ho dilemo tse 18 a ka fetolwa sefane sa hae ha eba:
i ngwana o tswetswe pele batswwadi ba nyalana, mme mme a a nyalwa hape ke motho eo e seng ntata ngwana eo ka tswalo. Ha ho le tjena ho hlokwa ditokomane tse latelang:
Tumello ya mme ya ho fetola
Kgatiso ya setifikeiti sa lenyalo
Bopaki ba tefello ba R50 tse hlokwang ii mma ngwana o tla qala ho sebedisa sefane seo a neng a se sebdisa pele mohlomong ha e le hore ntata ngwana o hlokahetse, kapa o nyetswe hape ka mora lenyalo la hae ho ntata ngwana le qhalwe. Ha ho le tjena, ho hlokeha ditokomane tse latelang:
Foromo ya kopo ? BI-193 e tlatsitsweng ke mme
Kgatiso ya setifikeiti sa lenyalo, ha eba a nyetswe ka molao
Kgatiso ya taelo ya lekgotla ya tlhalano, kapa
Bopaki ba tefello ba R50 e hlokwang iii ngwana o tswetswe pele batswadi ba nyalana, mme lebitso la hae le ile la ngodiswa ka sefane sa ntate ya mo tswalang. Sefane sa ngwana se ka fetolelwa ho sa mme. Ditokomane tse hlokehang ke:
Bopaki ba tefello ya R50 bo hlokeha iv ngwana ya tlhokomelong ya mohlokomedi a ka fetolela sefane sa hae ho sa mohlokomedi. Ditokomane tse hlokehang ke:
Bopaki ba tefello ya R50 e hlokwang
Tokomane ya bopaki ba mohlokomedi kapa setatemente se tiisang bohlokomedi
Ho fetolela Sefaneng se seng (Motho ya dilemo di 18 kapa ho feta moo)
Molao o dumella motho ofe kapa ofe ho nka sefane se fapaneng le sefane se ngotsweng rejisetareng ya palo ya batho kapa sefane seo a fumaneng bodulo Afrika Borwa. Tefello e balletsweng ke R238. Ho hlkeha ditokomane tse latelang:
forormo ya kopo (BI-196), kgoeletso e nang le mabaka a felletseng hobaneng ho nkilwe sefane se seng, tumello ya mosadi foromong ya BI-196 ha eba e sebetsa, lengolo la lenyalo ha eba le sebetsa, kgatiso ya setifikeiti sa tswalo, ka nomoro ya pele, ha eba ho tswalwa ho ile ha ngodiswa kapa nomoro ya boitsebiso.
bopaki ba tefello ha eba ho hlkeha R260.
Ha eba bana ba ka tlase ho dilemo tse 18 ba ka kenngwa kopong, dikgatiso tsa ditifikeiti tsa tswalo kapa dinomoro tsa pele di a hlokwa ha mmoho ka tumello ya mme e ngotsweng
Phetolo ya mohla letsatsi la tswalo:
Ho hlokwa ditokomane tse latelang:
formo ya kopo (BI-526) kapa kopo e ngotsweng bopaki ba letsatsi la tswalo le nepahetseng ho tea mohlala, lengolo la sepetlele, setifikeiti sa kena tlong, karete ya tliliniki, lengolo la ho kena sekolo sa pele, setifikeiti sa kolobetso ha eba o kolobeditswe pele ho dilemo tse hlano. Ha ho se na tokomane ya bopaki ba dilemo tsa ngwana, ngaka kapa moemedi wa lebatowa a lekanyetse letsatsi la tswalo ka ho ngola kgothaletso e romelwang le kopo bopaki ba tefello ya R48 ha e hlokeha.
Phetolo ya tlhaloso ya bong
Ho hlokwa ditokomane tse latelang:
foromo ya kopo (BI-526) kapa kopo e ngotsweng, bopaki ba tokomane ya tlhaloso ya bong bo nepahetseng le bopaki ba tefello ya R48 e hlokehang.
Phetolo ya sebaka sa tswalo
Ho hlokwa ditokomane tse latelang:
foromo ya kopo (BI-526) kapa kopo e ngotsweng bopaki ba tokomane ya sebaka sa tswalo se nepahetseng le bopaki ba tefello ya R48 e hlokehang.
Phetolo ya dintlha ka batswadi ka tsebiso ya tswalo
Ho hlokwa ditokomane tse latelang:
forormo ya kopo (BI 526) kapa kopo e ngotsweng, bopaki ba tokomane ba dintlha tsa batswadi tse nepahetseng le bopaki ba tefello ya R48 e hlokehang.
Phetolo ya tlhaloso ya bong
Mang kapa mang ya fetotseng bong ka opereishene kapa ka meriana e bakang hore bong ba hae bo fetohe a ka ngolla ho Mookamedikakaretso wa Lefapha la Ditaba tsa Lehae hore a fetole bong ba hae.
Ditokomane tse hlokelwang taba ena ke:
foromo ya kopo (BI-526), pehelo ka ngaka ya faneng ka moriana kapa a sebetsa mokopi kapa ngaka ya nang le tsebo e telele mesebetsing le tshebedisong ya emriana e jwalo pehelo ka ngaka e nngwe e hlahlobileng mokopi ho lekola boemo ba bong ba hae bopaki ba tefello ya R48 e hlokehang.
Ha o fetola bong ba mokopi, Nomoro ya Boitsebiso le yona e fetoha feel a jwalo. Kopo ya tokomane ya boitsebiso e ntjha e lokela ho etswa ka lebaka leo ka pele ka ha phetoolo e amohetswe.
Ditjeho: R48.
Ha eba motho ya amehang le yena a fetola lebitso la hae, ho lefuwe R75 e nngwe hape.
Ngodiso e fosahetseng
Ha eba tswalo ya ngwana e ngodisitswe ka batswadi bao e seng ba mo tswetseng, diafidavidi tse tswang batswading ba mo tswetseng le ?batswadi bao e seng ba nnete? di romelwe ha mmo le lebaka la ho ngodisa ka mokgwa oo e seng wa nnete. Ha eba tse ding tsa ditokomane tsena ha di yo, jwale ho tla hlokeha taelo ya lekgotla la molao. Tefello e balletsweng ke R48.
Ditokomane tse hlokehang mabapi le sepheo sena ke:
dikopo tse ngotsweng tsa ho lokisa dintlha tsa batswadi, tsebiso e ntjha ya tswalo (BI-24) ka dintlha tse nepahetseng tsa batswadi diafidaviti tse tswang ho bohle ba amehang kapa taelo ya lekgotla la molao bopaki ba tefello ya R48 e a hlokeha
Tsebiso ya ho hlokomela ngwana eo e seng wa hao
Ha eba ngwana o nkuwe ke batswadi bao e seng ba hae, batswadi ba jwalo ba ka tsebisa ka molao Mookamedikakarteso (MD) wa Lefpaha la Ditaba tsa Lehae ka taba ena. Ditokomane tse hlokehang ke:
kopo e ngotsweng ya batswadi ba nkileng ngwana eo e seng wa bona kgatiso e saennweng ya taelo ya ho nka ngwana o se motswadi wa hae.
bopaki ba tefello ya R48 e a hlokeha.
KOPO YA SETIFIKEITI SA LENYALO
Dikopo tsa ho nyadisa di etswe Kantorong ya Lefapha la Ditaba tsa Lehae e haufi le wena ha eba o ngolla o le Afrika Borwa Kantorong ya Boromuwa ya Afrika Borwa kapa Khonsuleiti ha eba o ngodisa o le ka ntle ho Afrika Borwa. Foromo e hlokehang mabapi le hona ke BI-130. Ditefello tse hlokwang ke R43,00 mabapi le setifikeiti se sa kgutsifatswang le R8,00 mabapi le setifikeiti se kgiutsufaditsweng.
Ho nyadiswa le ho ngodiswa ha manyalo ka molao ho laolwa ke Molao wa Lenyalo (Molao wa No. ya 25 ya 1961).
Ditlhoko tsa ho ngodisa lenyalo la hao (Ditlhoko tsa ho ba lenyalong la molao le le tlamang)
Ke mamng ya ka ngodisang lenyalo la hao?
Molao o hlalosa hore lenyalo le ka ngodiswa feela ke i mohlanka ya tshepetsweng mosebetsi wa ho nyadisa ho tswa mokgatlong wa bodumedi o itseng kapa ii bahlanka ba mmuso ba tshepetsweng mosebetsi wa ho nyadisa ho tswa Lefapheng la Ditaba tsa Lehae
Lenyalao le ka ngodiswa kae?
Lenyalo le ka tshwarelwa ngodiswa kerekeng, moaho o sebediswang e le sebaka sa bodumedi, kantoro ya setjhaba, kapa ntlong ya mang le mang feela. Ha eba ho e na le ya tla nyadiswa, mme a tswile kotsi e kgolo kapa a kula, lenyalo leo le ka tshwarelwa sepeltlele.
Ke mang ya tlamehang ho ba teng lenyalong leo?
Lenyalo le tshwarelwe moo batho ba nyalanang ba leng teng, dipaki tse pedi tse phelang hantle le mohlanka wa mmuso.
Ditokomane di a hlokeha ha ho nyadiswa
Ka letsatsi la lenyalo, banyalani ba fane ka ditokomane tse latelang ho motho ya tsamaisang lenyalo:
Ditokomane tsa boitsebiso tse ntsuwang ho ya ka dipehelo tsa Molao wa Boitsebiso, wa 1998 kapa ha eba ha ba na ditokomane tsa boitsebiso, afidaviti e tlatsitsweng foromong ya BI-31. B tswqang ka ntle ho Afrika Borwa ha ba nyalana le Baafrikaborwa ba lebeletswe ho hlahisa dipaseporoto tsa bona tsa nnete ha mmoho le foromo ya BI-31 (Kgoeletso mabapi le sepheo sa lenyalo).
Mabapi le bana ba banyenyane tumello e ngotsweng ya batswadi ka bobedi kapa mohlokomedi ya molaong e tliswe le yona foromong e balletsweng ya BI-32. Ha eba motswadi eo tumello ya hae e hlokwa a sa fumanwe kapa a sa kgone ho ya ka molao ho fana ka tumello, eo ya monyenyane o tlameha ho ngolla ho Khomeshenara wa Thekolohelo ya Bana hore a fumane tumello eo. Ha eba batswadi ba eo e monyenyane le Khomeshenara ba hana ho fana ka tumello ya lenyalo, eo e monyenyane a ka ngolla a kopa tumello ya Moahlodi wa Lekgotla le Phahameng ya sebaka seo a phelang ho sona. Bahsnyana ba ka tlase ho dilemo tse 18 le banana ba dilemo tse ka tlase ho 15 ba hloka, ho kenyeletswa tumello hape ya batswadi ba bona kapa mohlokomedi ka molao, tumello ya Letona La Lefapha la Ditaba tsa Lehae.
Ho ya ka Molao wa Lenyalo, motho e monyenyane ke motho ya ka tlase ho dilemo tse 21 ya so kang a nyalwa, mme eo lenyalo la hae le ileng la thubeha ka lebaka la lenyalo kapa ho hlalwa.
Ha eba a hladilwe, ho fanwe ka taelo ya ho qetela ya tlhalo kapa ha eba o ile a hlalwa naheng e kan tle ho Afrika Borwa, mme a sa kgone ho fumana taelo ya tlhalo, ho hlokeha afidaviti ya motho eo. Ho hlaloswe hore o hladilwe ka molao, mme ho kenyeletswe le lebitso la lekgotla la molao le faneng ka tlhalo le mohla oo ho hladilweng ka ona.
Ha eba ke mohlolohadi, setifikeiti sa mofu se sebediswe. Ha eba setifikeiti ha se yo, motho eo o lokela ho tlisa afidaviti e tiisang lefu la molekane ya hlokahetseng, e hlalosang lebitso la mofu le mohla a hlokahetseng.
Ho saena le ho ngodisa lenyalo
Ha ho se ho ngodisitswe lenyalo, batho ba babedi ba nyalanang, dipaki tse pedi le mohlanka wa mmuso wa manyalo ba saene rejisetara ya lenyalo. Ho ka fanwa ka setifikeiti se ngotsweng ka letsoho se sa lefellweng hang feela ha lenyalo le ngodiswa. Mohlanka wa mmuso wa manyalo o tla fana ka rejisetara ya lenyalo ho ngodiseng Rejisetara ya Palo ya Setjhaba kantorong ya lebatowa ya Lefapha ya moo a dulang teng.
Nako ya ho sebetswa: Setifikeiti sa lenyalo se sekgutshwane se ngotsweng se ntshuwa ka nako ya lenyalo, ka ntle ho tumello. Setifikeiti se sekgutshwane se ka sebetswa ka matsatsi a 21 a mosebetsi.
Ditjeho: Dintlha tsohle le dipotsiso tse tsamaelanang le tsona mabapi le disetifikeiti tsa lenyalo di lokela ho tlatswa foromong ya BI-130. Ditjeho tse sebetsang ke:
Setifikeiti se felletseng (se kgutsufaditsweng) ke R45,00
Setifikeiti se kgutsufaditsweng (se ngotsweng ka khomputa) ke R10.00
Na o a tseba?
Lefapha la Ditaba tsa Lehae le kopile Khomeshene ya Molao ya Afrika Borwa ka 1996 hore e etse diphuputso tse matla mabapi le mefuta e fapaneng ya manyalo Afrika Borwa. Ka lebaka la phuputso eo, Molao wa Manyalo a Kamohelo ya Setho (Molao wa No. ya 120 ya 1998) o ile wa fetiswa, mme wa sebediswa ka 15 Tshitwe 2000.
Na o a tseba hore lenyalo la hao la Setho le amohetswe jwalo ka la lenyalo la kahisano ho ya ka diphelo tsa Molao wa Kamohelo ya Manyalo a Setho? Lenyalo la setho le ngodiswa ke motho ya tshepetsweng mosebetsi oo. Enwa e ka ba morena kapa mohlanka wa mmuso ya ngodisitsweng.Motho enwa ya ngodisitsweng a be le tiiso e ngotsweng ya hore ke mongodisi ya nang le bolaodi ba ho nyadisa. Ka bobedi ba nyalanang ba felehetswe ke baemedi ba ba babedi, ho ka molemo ha e ka ba a le mong ho tswa malapeng ka bobedi. Batho bohle ba nyetseng ka setho ba kgothaletswa ho ba teng le bona, mme ba ngodise manyalo a bona le Lefapha la Ditaba tsa Lehae.
NGODISO YA LEFU
Tsebiso ya Lefu
Ha motho a hlokahala, molao Molao wa Ngoddiso ya Lenyalo le Lefu, wa 1992 o hloka hore ebe lefu la motho eo le ile la tsebiswa ho motho ya lokelang ho amohela ditsebiso. Ha jwale batho ba latelang ba na le tokelo:
Bahlanka ba mmuso ba itseng Lefapheng la Ditaba tsa Lehae
Basebetsi ba Ditshebeletso tsa Sepolesa sa Afrika Borwa (DSAB, haholoholo dibakeng tsa Lefapha la Ditaba tsa Afrika borwa moo Lefapha le se nang dikantoro teng)
Basebetsi ba dipolokelo tsa bafu ba kgethilweng le ho amohelwa ho ya ka dipehelo tsa molao.
Ha eba moahi wa Afrika Borwa kapa motho ya nang le tokelo ya ho dulela saruri Afrika Borwa a hlokahalla ka ntle ho Afrika Borwa, lefula motho eo le behelwe Kantorong ya Boromuwa ya Afrika Borwa. Kgatiso e saennweng ya setifikeiti sa lefu se fumanweng naheng e nngwe eo a hlokahaletseng ho yona le sona se tliswe.
Ha eba mofu a bolokilwe Afrika Borwa, Kantoro ya Boromuwa e tla thusa ka dihlophiso tse mabapi le ho fallisetswa ha setopo ho tla Afrika Borwa.
Tsebiso ya lefu e tla etswa ka ho tlatsa foromo ya BI-1663. Foromo ena e na le dikarolo tse fapaneng tse lokelang ho tlatswa ke batho ba fapaneng ba sebetsanang le ho tsebisa. Batho ba sebetsaang le taba eo ke: motho ya tsebisang ka lefu, ngaka e saenelang lefu le motho ya nang le tokelo ya ho amohela tsebiso ya lefu jwalo ka ha ho tsebisitswe pejana.
Ha eba ha ho na ngaka e teng, ho tea mohlala, dibakeng tse ka ntle tsa mahaeng, morena e tla ba yena ya tla tlatsa Pehelo ya Lefu (foromo ya BI-1680). Pehelo ya Lefu e ka tlatswa feela ke motho eo Lefapha le mo kgethileng hore a sebetse ka tsela eo. Motho eo o tla nehelana ka foromo ya BI-1680 ho mohlanka wa mmuso wa Lefapha la Ditaba tsa Lehae ya nang le tokelo ya ho amohela ditsebiso tse jwalo. Mohlanka wa mmuso o tla tlatsa foromo ya BI-1663.
Mehato ya ho tsebisa le ho ngodisa lefu
Mohato wa 1: Ngaka e hlahlobileng setopo e tlameha ho tlatsa foromo ya Tsebiso ya Lefu/ le Ngwana ya Hlahileng a Hlokahetse ya (BI-1663). Ho na le karolo foromong ena eo ngaka e e tlatsang, mme e e kwallang ka hare emfolopong. Boholo ba foromo e tlatsitsweng bo kgomathisetswa emfolopong e kwetsweng, mme ya fuwa motho ya tswalanang haholo le mofu kapa mosebeletsi wa polokelo ya bafu ya hlophisitseng lefu. Emfolopo e kwetsweng e ka bulwa feela ke mohlanka wa mmuso ya nang le tokelo wa Lefapaha la Ditaba tsa Lehae.
Mohato wa 2: Eo ho tswalanwang le yena, o lokela ho nka ditokomane a di ise ho mosebeletsi wa polokelo ya bafu bao ba ba kgethileng ho hlophisa tsa lefu. Ha eba mosebeletsi wa polokelo ya bafu a na le tokelo ya ho amohela ditsebiso tsa lefu, o tla tlatsa dikarolo tse loketseng, mme a fane ka taelo ya ho boloka (BI-14). Mosebeletsi wa polokelo ya bafu ebe jwale o tla isa diforomo tse tlatsitsweng Kantorong ya Lefapha la Ditaba tsa Lehae le haufi hore le ngodisetswe lefu. Lefapha la Ditaba tsa Lehae ebe jwale le tla ntsha setifikeiti sa lefu le se fa eo a tswalanng le yena.
Ha eba mosebeletsi wa polokelo ya bafu a na le tokelo ho ya ka dipehelo tsa molao ho amohela ditsebiso tsa lefu, ebe jwale o tlameha ho fana ka ditokomane Lefapheng la Ditaba tsa Lehae kapa Sepoleseng e le hore ho tle ho fanwe ka taelo ya lefu le ditokomane tsa ngodiso di tle di sebetswe.
Dikopo tsa disetifikeiti tsa lefu di tlameha hore di etswa Dikantorong tsa Lefapha la Ditaba tsa Lehae ha eba o ngolla o le Afrika Borwa. Ha eba o le mose, dikopo di etswe Kantorong ya Boromuwa ya Afrika Borwa.
Setifikeiti sa lefu se kgutsufaditsweng se fumaneha ka ntle ho ho lefellwa ha ho ngodiswa lefu ka letsatsi leo lefu le etsahetseng ka lona. Dintlha tse ding tsohle di hloka ho tlatsuwa ha foromo ya BI-132 le tefello ya R10-00 . Setifikeiti se felletseng sa leful (se kgutsufaditsweng) le sona se a fumaneha ka R45-00.
Ditaelo tsa Lepato
Ke taba ya bohlokwa ho hlokomela hore ho ya ka dipehelo tsa Molao (Molao wa Lefu le Tswalo, wa 1992) ho se ke ha eba le lepato le bang teng ka ntle ha eba le dumelletswe ka molao. Tumello ena e fumanwa ka taelo ya lepato. Bahlanka ba Mmuso ba Lefapha la Ditaba tsa Lehae, Basebetsi ba Ditshebeletso tsa Sepolelsa tsa Afrika Borwa le basbetsi ba polokelo ya ditopo ba molaong ba dumelletswe ho tlatsa direjisetara tsa lefu le ho fana ka ditaelo tsa lepato.
Mafu a Bomenemene
Motho ya ka ngodiswang ka phoso hore o hlokahetse Rejisetareng ya Palo ya Setjhaba a behele taba eo ho Lefapaha la Ditaba tsa Lehae le haufi le yena hore ho fuputswe ka pele le ho lokisa boemo boo. Ho tla hlokwa kgatiso ya menwana yohle le ditshwantsho foromong ya Bi-9 mabapi le taba ena.
NALANE YA TOKOMANE YA BOITSEBISO
Re atlehile haholo boitekong ba ho kgothaletsa tshepo menahanong dipelong tsa dimilione tsa setjhaba sa rona. Re kena selekaneng seo re tla ahang setjhaba seo Maafrikaborwa ohle, ba bastho le ba basweu ba tla itetang difuba, ba sa tshabe letho dipelong tsa bona, ba na le tshepo ka tokelo tsa bona tse tsitsitseng bothong ba bona ? setjhaba sa mefuta e mengata sa kgotso se bile se e na le kgotso le lefatshe.?
Ha eba o batla ho hlahisa maikutlo a hao ka moo o thusitsweng ka teng Lefapheng la Ditaba tsa Lehae kapa o batla ho botsa, o dumelletswe ho teanya le basebeletsi ba mmuso ka ho sebedisa dintlha tseo ho fanweng ka tsona.
NTLOKGOLO
DIKANTORO TSA DIPOROVENSE
POROVENSE YA KAPA LEBOYA
POROVENSE YA MPUMALANGA
Mmabatho
Johannesburg
POROVENSE YA LIMPOPO
Polokwane
Brandhof
